Mattheu
Khaolo 20:10-16
BIBELE e Halalelang
10Ba pele, ha ba etla, ba hloma ba tla newa ho fetisang; empa le bona ba newa e mong le e mong denare.
11Ha ba e nkile, ba kganana ho monga ntlo,
12ba re: Bao ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona, ba jereng boima ba letsatsi le ho tjhesa ha lona!
13A araba, a re ho e mong wa bona: Molekana ka, ha ke o je; ana ha o a dumellana le nna ka denare e le nngwe feela na?
14Nka ntho ya hao, o ikele; ke rata ho nea enwa wa morao jwalokaha ke o neile.
15Kapa ha ho a ntokela ho etsa ka ntho tsa ka kamoo ke ratang kateng, na? Kapa leihlo la hao le mona kahobane ke le molemo na?
16Ka mokgwa o jwalo, ba morao e tla ba ba pele, ba pele e tla ba ba morao.