Mattheu
Khaolo 20:13-19
BIBELE e Halalelang
13A araba, a re ho e mong wa bona: Molekana ka, ha ke o je; ana ha o a dumellana le nna ka denare e le nngwe feela na?
14Nka ntho ya hao, o ikele; ke rata ho nea enwa wa morao jwalokaha ke o neile.
15Kapa ha ho a ntokela ho etsa ka ntho tsa ka kamoo ke ratang kateng, na? Kapa leihlo la hao le mona kahobane ke le molemo na?
16Ka mokgwa o jwalo, ba morao e tla ba ba pele, ba pele e tla ba ba morao.
17Yare ha Jesu a nyolohela Jerusalema, a sa le tseleng, a nkela barutuwa ba hae ba leshome le metso e mmedi thoko, a re ho bona:
18Bonang, re nyolohela Jerusalema, mme Mora motho o tla neelwa baprista ba baholo le bangodi; ba tla mo ahlolela lefu.
19Ba tla mo neela baditjhaba, hore ba mo some, le ho mo shapa, le ho mo thakgisa sefapanong; mme o tla tsoha ka tsatsi la boraro.