Mattheu
Khaolo 20:21-27
BIBELE e Halalelang
21Jesu a re ho yena: O batlang? Eo a mmolella, a re: Ako re, bara bana ba ka ba babedi ba dule mmusong wa hao, e mong letsohong la hao le letona, e mong ho le letshehadi.
22Jesu a araba, a re: Ha le tsebe seo le se kopang. — Na le ka tseba ho nwela senwelong seo ke tla nwela ho sona, le ho kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona? Ba re ho yena: Re ka tseba.
23A re ho bona: Efela le tla nwela senwelong sa ka, mme le tla kolobetswa ka kolobetso eo ke tla kolobetswa ka yona; empa haele ho dula letsohong la ka le letona, kapa ho le letshehadi, ha ke na ho ho nea motho, haese ba ho lokiseditsweng ke Ntate.
24Ba leshome ha ba utlwa taba eo, ba hlonamela Jakobo le moenae Johanne.
25Jesu, yare ha a ba bileditse ho yena, a re: Le a tseba hoba marena a ditjhaba a di busa, mme baholo ba tsona ba na le puso e thata hodima tsona.
26Ho se ke ha eba jwalo ho lona; empa mang le mang ya ratang ho ba moholo hara lona, e ke e be mohlanka wa lona;
27mme mang le mang ya ratang ho ba wa pele hara lona, e be mofo wa lona;