Mattheu
Khaolo 20:24-30
BIBELE e Halalelang
24Ba leshome ha ba utlwa taba eo, ba hlonamela Jakobo le moenae Johanne.
25Jesu, yare ha a ba bileditse ho yena, a re: Le a tseba hoba marena a ditjhaba a di busa, mme baholo ba tsona ba na le puso e thata hodima tsona.
26Ho se ke ha eba jwalo ho lona; empa mang le mang ya ratang ho ba moholo hara lona, e ke e be mohlanka wa lona;
27mme mang le mang ya ratang ho ba wa pele hara lona, e be mofo wa lona;
28jwaloka Mora motho, ya sa kang a tlela ho sebeletswa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ya ba bangata.
29Eitse ha ba etswa Jeriko, bongata bo boholo ba latela Jesu.
30Batho ba babedi ba foufetseng, ba dutseng pela tsela, ha ba utlwa hoba Jesu o a feta, ba howa, ba re: Morena, mora Davida, re utlwele bohloko!