Mattheu
Khaolo 20:8-14
BIBELE e Halalelang
8Hoba e be mantisboya, monga tshimo ya merara a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Bitsa balemi, o ba nee moputso wa bona; o qale ka ba morao, o qetelle ka ba pele.
9Ba memilweng e batlile ho ba hora ya leshome le motso o mong, ha ba etla, e mong le e mong a fumana denare.
10Ba pele, ha ba etla, ba hloma ba tla newa ho fetisang; empa le bona ba newa e mong le e mong denare.
11Ha ba e nkile, ba kganana ho monga ntlo,
12ba re: Bao ba morao ba sebeditse hora e le nngwe feela, mme o ba lekantse le rona, ba jereng boima ba letsatsi le ho tjhesa ha lona!
13A araba, a re ho e mong wa bona: Molekana ka, ha ke o je; ana ha o a dumellana le nna ka denare e le nngwe feela na?
14Nka ntho ya hao, o ikele; ke rata ho nea enwa wa morao jwalokaha ke o neile.