Mattheu
Khaolo 21:10-16
BIBELE e Halalelang
10Eitse ha a kena Jerusalema, motse wohle wa hwerehana, wa re: Enwa ke mang na?
11Matshwele a re: Ke Jesu, moporofeta ya tswang Nasaretha wa Galelea.
12Jesu a kena tempeleng ya Modimo; a lelekela ntle bohle ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng; a diha ditafole tsa ba ananyang ditjhelete, le ditulo tsa ba bapatsang ka maeba.
13A re ho bona: Ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo, athe lona, le e entse lehaha la mashodu.
14Ha tla ho yena ka tempeleng difofu le dihlotsa, mme a di fodisa.
15Empa baprista ba baholo le bangodi, ha ba bona tse makatsang tseo a di etsang, le bana ba howang ka tempeleng, ba reng: Hosanna ho mora Davida! ba hlonama haholo.
16Ba re ho yena: Na o utlwa seo bao ba se bolelang na? Jesu a re ho bona: E, na ha le eso ho ka le bala taba e reng: O tumisitse dithoko tsa hao ka melomo ya bana le ya ba anyang, na?