Mattheu
Khaolo 21:26-32
BIBELE e Halalelang
26Mme ha re ka re: E ne e tswa bathong, re tshaba bongata, hobane bohle ba re: Johanne ke moporofeta.
27Yaba ba araba Jesu, ba re: Ha re tsebe. Mme a re ho bona: Le nna, nke ke ka le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.
28Empa le reng ka taba ena? Motho o ne a na le bara ba babedi; a ya ho wa pele, a re ho yena: Mora ka, eya, o sebetse kajeno tshimong ya ka ya merara.
29Eo a araba, a re: Ke a hana. Empa hamorao, a baka, a ya.
30A ya ho wa bobedi, le ho yena a rialo, mme eo a mo araba, a re: Ke a ya, morena. Empa a se ke a ya.
31Ana ho bona ba babedi, ke ofe ya entseng thato ya ntatae? Ba re ho yena: Ke wa pele. Jesu a re ho bona: Kannete ke a le bolella, ke re: Balekgetho le basadi ba bafebi ba le raka mmusong wa Modimo.
32Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela; empa balekgetho le basadi ba bafebi ba mo dumetse; mme lona, leha le bone hoo, ha le a ka la baka, la mo dumela.