Mattheu
Khaolo 21:34-40
BIBELE e Halalelang
34Yare ha nako ya ditholwana e atametse, a roma bahlanka ba hae ho balemi ho nka ditholwana tsa hae.
35Empa balemi ba tshwara bahlanka ba hae, ba otla e mong, ba bolaya e mong, ba tlepetsa e mong ka majwe.
36A boela a roma bahlanka ba bang, ba fetisang ba pele ka bongata, mme le bona ba etswa jwaloka ba pele.
37Ho feleng, a romela mora hae ho bona, a re: Ba tla hlompha mora wa ka.
38Empa balemi, ha ba bona mora hae, ba bolellana, ba re: Enwa ke mojalefa; tloong, re mmolayeng, re tle re inkele lefa la hae.
39Yaba ba mo tshwara, ba mo lahlela kantle ho tshimo ya merara, ba mmolaya.
40Ana mohla monga tshimo ya merara a fihlang, balemi bao o tla ba etsa jwang na?