Mattheu
Khaolo 21:43-46
BIBELE e Halalelang
43Ka baka leo, ke re ho lona: Mmuso wa Modimo le tla o amohuwa, mme o tla newa setjhaba se seng se tla beha ditholwana tsa wona.
44Ya tla wela hodima lejwe leo, o tla robeha, mme le tla pitla eo le mo welang hodimo.
45Baprista ba baholo le bafarisi, ha ba utlwile ditshwantsho tseo tsa hae, ba tseba hobane o lekantse bona.
46Mme ba batla ho mo tshwara; empa ba tshaba bongata, kahobane ba ne ba re, Jesu ke moporofeta.