Mattheu
Khaolo 21:6-12
BIBELE e Halalelang
6Ebile barutuwa ba ya, ba etsa kamoo ba laetsweng kateng, ke Jesu.
7Ba tlisa esele le petsana ya yona, mme ba ala diaparo tsa bona hodima yona, mme Jesu a e kalla.
8Bongata bo boholo ba ala diaparo tsa bona tseleng; mme ba bang ba rema makala a difate, ba a ala tseleng.
9Mme bongata bo eteletseng pele le bo latelang ba howa, ba re: Hosanna ho mora Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!
10Eitse ha a kena Jerusalema, motse wohle wa hwerehana, wa re: Enwa ke mang na?
11Matshwele a re: Ke Jesu, moporofeta ya tswang Nasaretha wa Galelea.
12Jesu a kena tempeleng ya Modimo; a lelekela ntle bohle ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng; a diha ditafole tsa ba ananyang ditjhelete, le ditulo tsa ba bapatsang ka maeba.