Mattheu
Khaolo 22:12-18
BIBELE e Halalelang
12A re ho yena: Mokana ka, o kene jwang mona, o se na kobo ya bohadi na? Eo a hloka puo.
13Yaba morena o re ho bahlanka: Mmofeng maoto le matsoho, le mo nke, mme le mo lahlele lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.
14Hobane ba bitswang ba bangata, empa ba kgethilweng ha ba bakae.
15Yaba bafarisi ba tloha, ba ya rera hammoho kamoo ba ka mo tshwasang ka dipolelo tsa hae kateng.
16Ba roma ho yena barutuwa ba bona le Baheroda, ba ya re: Moruti, re a tseba hobane o wa nnete, le hoba o ruta tsela ya Modimo ka nnete, le hoba ha o re letho ka motho; hobane tshobotsi ya motho ha e tadingwe ke wena.
17Ka baka leo, o re bolelle kgopolo ya hao: Hleka ho a lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa tjhe?
18Empa Jesu a tseba lonya la bona, a re: Le ntekelang, lona baikaketsi?