Mattheu
Khaolo 22:15-21
BIBELE e Halalelang
15Yaba bafarisi ba tloha, ba ya rera hammoho kamoo ba ka mo tshwasang ka dipolelo tsa hae kateng.
16Ba roma ho yena barutuwa ba bona le Baheroda, ba ya re: Moruti, re a tseba hobane o wa nnete, le hoba o ruta tsela ya Modimo ka nnete, le hoba ha o re letho ka motho; hobane tshobotsi ya motho ha e tadingwe ke wena.
17Ka baka leo, o re bolelle kgopolo ya hao: Hleka ho a lokela ho ntshetsa Sesare lekgetho, kapa tjhe?
18Empa Jesu a tseba lonya la bona, a re: Le ntekelang, lona baikaketsi?
19Mpontsheng tjhelete ya lekgetho. Yaba ba mo hlahisetsa denare.
20A re ho bona: Setshwantsho sena ke sa mang, le lengolo lena ke la mang?
21Ba re ho yena: Ke la Sesare. Yaba o re: Hommeng! Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo.