Mattheu
Khaolo 22:20-26
BIBELE e Halalelang
20A re ho bona: Setshwantsho sena ke sa mang, le lengolo lena ke la mang?
21Ba re ho yena: Ke la Sesare. Yaba o re: Hommeng! Ntshetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, le ntshetse Modimo tseo e leng tsa Modimo.
22Yare ha ba utlwa taba eo, ba makala, ba mo tlohela, ba ikela.
23Tsatsing lona leo, basadusi, e leng ba latolang tsoho ya bafu, ba tla ho yena, ba mmotsa,
24ba re: Moruti, Moshe o itse: Monna ha a eshwa, a se na bana, ngwanabo o tla nka mosadi wa hae, a hlahisetse ngwanabo bana.
25Bara ba motho a le mong, ba supileng, ba ne ba le teng hara rona; e moholo a shwa, a se a nyetse; mme kahobane a sa ka a ba le bana, a siela moenae mosadi wa hae.
26Ha eba jwalo le wa bobedi, le wa boraro, ho isa ho wa bosupa.