Mattheu
Khaolo 22:3-9
BIBELE e Halalelang
3A roma bahlanka ba hae ho bitsa ba neng ba memetswe bohadi; empa ba hana ho tla.
4A boela a roma bahlanka ba bang, a re: Bolellang ba memilweng, le re: Bonang, ke lokisitse mokete wa ka, dikgomo tsa ka le dinonneng tsa ka di hlabilwe; ntho tsohle di se di lokile; tloong bohading.
5Empa bao ba nyedisa, mme ba ya, e mong tshimong ya hae, e mong papatsong ya hae.
6Ba bang ba tshwara bahlanka ba hae, ba ba omanya, mme ba ba bolaya.
7Morena, ha a utlwa taba tseo, a halefa; a roma makgotla a hae, a timetsa babolai bao, a tjhesa le motse wa bona.
8Yaba o bolella bahlanka ba hae, a re: Bohadi bo se bo lokisitswe, empa ba neng ba bo bileditswe, e ne e se ba bo tshwanelang.
9Jwale, ikeleng mateonong a ditsela, mme le biletse bohading bohle bao le ba fumanang.