Mattheu
Khaolo 23:16-22
BIBELE e Halalelang
16Ho madimabe lona, batsamaisi ba foufetseng, le reng: Motho ha a anne ka tempele, ha ho nang; empa ha a anne ka kgauta ya tempele, o tlamilwe.
17Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kgauta, kapa a ke tempele e halaletsang kgauta na?
18Hape le re: Motho ha a anne ka aletare, ha ho nang; empa ha a anne ka kabelo e hodima yona, o tlamilwe.
19Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kabelo, kapa ke aletare e halaletsang kabelo na?
20Mme jwale, ya anang ka aletare, o ana ka yona le ka tsohle tse hodima yona;
21le ya anang ka tempele, o ana ka yona le ka ya ahileng ho yona;
22le ya anang ka lehodimo, o ana ka terone ya Modimo le ka ya dutseng hodima yona.