Mattheu
Khaolo 23:18-24
BIBELE e Halalelang
18Hape le re: Motho ha a anne ka aletare, ha ho nang; empa ha a anne ka kabelo e hodima yona, o tlamilwe.
19Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kabelo, kapa ke aletare e halaletsang kabelo na?
20Mme jwale, ya anang ka aletare, o ana ka yona le ka tsohle tse hodima yona;
21le ya anang ka tempele, o ana ka yona le ka ya ahileng ho yona;
22le ya anang ka lehodimo, o ana ka terone ya Modimo le ka ya dutseng hodima yona.
23Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena le anetha le kumine, mme le siya hoo e leng boholo ba molao, e leng tokiso, le mohau, le tumelo; anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.
24Batsamaisi ba foufetseng! le hlotlha ntsitsinyana, athe le metsa kamele!