Mattheu
Khaolo 23:27-33
BIBELE e Halalelang
27Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a nang le ponahalo e ntle kantle, kanthebo, kahare, a tletse masapo a bafu le ho bola hohle.
28Le lona, ho batho ba le tadimang kantle, ho jwaloka eka le lokile, athe kahare ho lona le tletse boikaketsi le bokgopo.
29Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le haha mabitla a baporofeta, mme le kgabisa mabitla a ba lokileng;
30mme le re: Holane re na be re le teng mehleng ya bontata rona moholo, re ka be re sa ka ra kopana le bona polaong ya baporofeta.
31Le ikahlola jwalo hobane le le bana ba ba bolaileng baporofeta,
32mme le phethisisa tekanyo ya bontata lona.
33Dinoha, madinyane a marabe! Le ka phema kahlolo ya dihele jwang?