Mattheu
Khaolo 23:28-34
BIBELE e Halalelang
28Le lona, ho batho ba le tadimang kantle, ho jwaloka eka le lokile, athe kahare ho lona le tletse boikaketsi le bokgopo.
29Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le haha mabitla a baporofeta, mme le kgabisa mabitla a ba lokileng;
30mme le re: Holane re na be re le teng mehleng ya bontata rona moholo, re ka be re sa ka ra kopana le bona polaong ya baporofeta.
31Le ikahlola jwalo hobane le le bana ba ba bolaileng baporofeta,
32mme le phethisisa tekanyo ya bontata lona.
33Dinoha, madinyane a marabe! Le ka phema kahlolo ya dihele jwang?
34Ka baka leo, bonang, ke romela ho lona baporofeta, le ba bohlale, le bangodi; mme le tla bolaya ba bang, le thakgise ba bang difapanong, le shape ba bang masinagogeng a lona, le ba leleke motseng o mong le o mong;