Mattheu
Khaolo 23:4-10
BIBELE e Halalelang
4Ba bofa diphahlo tse boima, tse imelang, mme ba di jarisa batho mahetleng, athe bona ha ba rate ho di sisinya le ka monwana.
5Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;
6ba rata ditulo tsa kapele meketeng, le ditulo tse kapele masinagogeng,
7le ho dumediswa mapatlelong, le ho bitswa ke batho: Rabbi! Rabbi!
8Empa lona, le se ke la bitswa Rabbi, hobane moruti wa lona o mong, e leng Kreste, mme lona bohle le bana ba motho a le mong.
9Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane o mong feela eo e leng Ntata lona, ke ya leng mahodimong.
10Hape, le se ke la bitswa benghadi, hobane monghadi wa lona o mong, e leng Kreste.