Mattheu
Khaolo 23:5-11
BIBELE e Halalelang
5Diketso tsa bona tsohle ba di etsa hore ba tle ba bonwe ke batho; hobane ba rwala meqhaka ya difilaktera tse diphara, mme ba lelefatsa dipodi dikobong tsa bona;
6ba rata ditulo tsa kapele meketeng, le ditulo tse kapele masinagogeng,
7le ho dumediswa mapatlelong, le ho bitswa ke batho: Rabbi! Rabbi!
8Empa lona, le se ke la bitswa Rabbi, hobane moruti wa lona o mong, e leng Kreste, mme lona bohle le bana ba motho a le mong.
9Le se ke la bitsa motho lefatsheng ntata lona, hobane o mong feela eo e leng Ntata lona, ke ya leng mahodimong.
10Hape, le se ke la bitswa benghadi, hobane monghadi wa lona o mong, e leng Kreste.
11Empa e moholo ho lona e tla ba mohlanka wa lona.