Mattheu
Khaolo 24:12-18
BIBELE e Halalelang
12Mme lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ya bokgopo.
13Empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.
14Evangeli ena ya mmuso e tla bolelwa lefatsheng lohle, e tle e be bopaki ho ditjhaba tsohle; mme e tla ba hona bofelo bo hlahang.
15Jwale, etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang — ya balang a lemohe! —
16mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng;
17ya leng hodima ntlo, a se ke a theohela ho nka ntho tlung ya hae;
18le ya leng masimong, a se ke a kgutlela hae ho nka kobo ya hae.