Mattheu
Khaolo 24:15-21
BIBELE e Halalelang
15Jwale, etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang — ya balang a lemohe! —
16mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng;
17ya leng hodima ntlo, a se ke a theohela ho nka ntho tlung ya hae;
18le ya leng masimong, a se ke a kgutlela hae ho nka kobo ya hae.
19Ho tla ba madimabe basadi ba baimana, le ba anyesang mehleng eo.
20Le rapele hore paleho ya lona e se hlahe mariha, leha e le ka Sabatha.
21Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, haesale le tshimolohong ya lefatshe, ho fihlela jwale, tsietsi e kalo ha e eso ho ka e eba teng, mme ha e ka ke ya boela ya eba teng le ka mohla o le mong.