Mattheu
Khaolo 24:16-22
BIBELE e Halalelang
16mohlang oo, ba leng Judea ba balehele dithabeng;
17ya leng hodima ntlo, a se ke a theohela ho nka ntho tlung ya hae;
18le ya leng masimong, a se ke a kgutlela hae ho nka kobo ya hae.
19Ho tla ba madimabe basadi ba baimana, le ba anyesang mehleng eo.
20Le rapele hore paleho ya lona e se hlahe mariha, leha e le ka Sabatha.
21Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, haesale le tshimolohong ya lefatshe, ho fihlela jwale, tsietsi e kalo ha e eso ho ka e eba teng, mme ha e ka ke ya boela ya eba teng le ka mohla o le mong.
22Le hojane matsatsi ao a se ke a kgutshofatswa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakgethwa, matsatsi ao a tla kgutshofatswa.