Mattheu
Khaolo 24:27-33
BIBELE e Halalelang
27Hobane jwalokaha lehadima le hadima le etswa botjhabela, mme le benyetsa bophirimela, ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.
28Hobane moo setopo se leng teng, ke moo manong a tla bokana teng.
29Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.
30Mohlang oo, pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong; ke moo ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla iteta difuba, mme di tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo, ka matla a maholo le ka kganya e kholo.
31O tla roma mangeloi a hae a letsang diterompeta tse modumo o moholo, hore a bokelle bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe.
32Ithuteng ho lekanya ditaba ka sefate sa feiye. Lekala la sona ha le se le le bonolo, mme le se le hlahisa mahlaku, le tseba kahoo hobane lehlabula le haufi.
33Le lona, etlare ha le bona tseo tsohle, le tsebe hoba Mora motho o haufi, o monyako.