Mattheu
Khaolo 24:41-47
BIBELE e Halalelang
41ho basadi ba babedi ba tla beng ba sila lelwaleng, e mong o tla nkwa, e mong a siuwe.
42Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena wa lona a tla tla ka yona.
43Le mpe le tsebe hobane monga ntlo, hola a ka tseba nako eo senokwane se tla tla ka yona, a ka lebela, mme a ke ke a dumela hoba ntlo ya hae e phunngwe.
44Le lona, itokiseng ke hona; hobane Mora motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.
45Ana ke mang mohlanka ya kgabane, ya bohlale, eo morena wa hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae ho ba nea dijo nakong ya teng?
46Ho lehlohonolo mohlanka eo morena wa hae, mohla a fihlang, a tla mo fumana a etsa jwalo.
47Kannete ke re ho lona: O tla mmea moalosi wa mesebetsi ya hae kaofela.