Mattheu
Khaolo 24:48-51
BIBELE e Halalelang
48Empa ekare ha mohlanka eo a le kgopo, mme a ipolella pelong, a re: Morena ka o diehile ho fihla;
49mme a qala ho otla balekane ba hae ba bohlanka, a eja, a enwa le matahwa;
50morena wa mohlanka eo o tla fihla ka letsatsi leo a sa mo lebellang, le ka nako eo a sa e tsebeng.
51O tla mo pomahanya dikoto, a mo nee kabelo e le nngwe le baikaketsi; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.