Mattheu
Khaolo 24:6-12
BIBELE e Halalelang
6Le tla utlwa dintwa le medumo ya dintwa; le mpe le bone hore le se ke la tshoha; tseo tsohle e ka kgona di etsahale, empa le moo ha e eso ho be bona bofelo.
7Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditlala di tla ba teng, le mafu a akaretsang, le ditshisinyeho tsa lefatshe ka nqa tse ngata.
8Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ya tlokotsi.
9Mohlang oo, le tla neelwa ho tshwenngwa, le tla bolawa, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.
10Ke moo ba bangata ba tla kgoptjwa, mme ba tla ekana, ba tla hloyana.
11Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, mme ba tla thetsa batho ba bangata.
12Mme lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ya bokgopo.