Mattheu
Khaolo 26:1-4
BIBELE e Halalelang
1Eitse hobane Jesu a qete dipolelo tseo tsohle, a bolella barutuwa ba hae, a re:
2Le a tseba hobane matsatsi a sa tla ba mabedi, e ntoo ba Paseka; mme Mora motho o tla neelwa ho thakgiswa sefapanong.
3Mohlang oo, baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba, ba phuthehela lebaleng la moprista e moholo, ya bitswang Kaiafa.
4Ba etsa morero wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.