Mattheu
Khaolo 26:10-16
BIBELE e Halalelang
10Empa Jesu a lemoha hoo, a re ho bona: Le utlwisetsang mosadi eo bohloko? Athe o nkentse ketso e molemo.
11Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla, empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.
12Hobane ha a tshela setlolo seo mmeleng wa ka, o etseditse kepelo ya ka.
13Kannete ke re ho lona: Hohle lefatsheng, moo Evangeli ena e tla bolelwa teng, se entsweng ke yena se tla bolelwa, a tle a hopolwe ka sona.
14Yaba e mong wa ba leshome le metso e mmedi, ya bitswang Judase Iskariota, o ikela ho baprista ba baholo,
15a re: Le tla nneang, ke tle ke le neele yena? Mme ba mmalla ditjhelete tsa silefera tsa mashome a mararo.
16Yaba moo a qalang ho batla sebaka sa ho ba neela yena