Mattheu
Khaolo 26:17-23
BIBELE e Halalelang
17Ka letsatsi le qalang mokete wa mahobe a se nang ditomoso, barutuwa ba tla ho Jesu, ba re ho yena: O rata ha re o lokisetsa kae Paseka, moo o ka e jelang teng?
18A re: Eyang motseng, ho nnyeo, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e haufi; ke tla etsa Paseka ha hao le barutuwa ba ka.
19Barutuwa ba etsa jwalokaha Jesu a ba laetse, mme ba lokisa Paseka.
20Ka nako ya shwalane, Jesu a dula dijong le barutuwa ba leshome le metso e mmedi.
21Ba ntse ba eja, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: E mong wa lona o tla nkeka.
22Yaba ba swaba haholo, mme e mong le e mong a qala ho mmotsa, a re: A ke nna, Morena?
23A araba a re: Ya kentseng letsoho morifing le nna, ke yena ya tla nkeka.