Mattheu
Khaolo 26:18-24
BIBELE e Halalelang
18A re: Eyang motseng, ho nnyeo, le re ho yena: Moruti o re: Nako ya ka e haufi; ke tla etsa Paseka ha hao le barutuwa ba ka.
19Barutuwa ba etsa jwalokaha Jesu a ba laetse, mme ba lokisa Paseka.
20Ka nako ya shwalane, Jesu a dula dijong le barutuwa ba leshome le metso e mmedi.
21Ba ntse ba eja, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: E mong wa lona o tla nkeka.
22Yaba ba swaba haholo, mme e mong le e mong a qala ho mmotsa, a re: A ke nna, Morena?
23A araba a re: Ya kentseng letsoho morifing le nna, ke yena ya tla nkeka.
24Haele Mora motho, o ikela jwalokaha ho ngodilwe bakeng sa hae; empa ho madimabe motho eo Mora motho a ekang ke yena; ho ka be ho le molemo ho motho eo hola a sa ka a tswalwa.