Mattheu
Khaolo 26:28-34
BIBELE e Halalelang
28hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata tshwarelong ya dibe.
29Empa ke re ho lona: Ho qala nakong yona ena, ha ke sa tla hlola ke enwa se behwang ke morara, ho tla be ho fihle tsatsi leo ke tla se nwa le lona se le setjha, mmusong wa Ntate.
30Eitse hobane ba bine dithoko, ba ya thabeng ya Mehlwaare.
31Yaba Jesu o re ho bona: Bosiung bona le tla kgoptjwa bohle ho nna; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla otla modisa, mme dinku tsa mohlape di tla qhalana.
32Empa etlare hobane ke tsohe, ke tla le etella pele ho ya Galelea.
33Petrose a bua, a re ho yena: Leha bohle ba ka kgoptjwa ho wena, nna nke ke ka kgoptjwa le hanyenyane.
34Jesu a re ho yena: Kannete ke re ho wena: Ka bona bosiu bona, mokoko ha o eso ho lle, o tla be o se o ntatotse hararo.