Mattheu
Khaolo 26:3-9
BIBELE e Halalelang
3Mohlang oo, baprista ba baholo, le bangodi, le baholo ba setjhaba, ba phuthehela lebaleng la moprista e moholo, ya bitswang Kaiafa.
4Ba etsa morero wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.
5Empa ba re: A e se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.
6Yare ha Jesu a le Bethania, tlung ya Simone, molepera,
7ha tla ho yena mosadi ya nang le pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo se theko e thata, mme a se tshela hloohong ya Jesu ha a dutse dijong.
8Barutuwa ba hae, ha ba bona hoo, ba hlonama, ba re: Tshenyeho eo e thusang?
9Athe setlolo seo se ka be se rekile tjhelete tse ngata, tsa newa bafumanehi.