Mattheu
Khaolo 26:5-11
BIBELE e Halalelang
5Empa ba re: A e se be mohla mokete, esere mohlomong moferefere wa eba teng hara setjhaba.
6Yare ha Jesu a le Bethania, tlung ya Simone, molepera,
7ha tla ho yena mosadi ya nang le pitsa ya alebastera, e tletseng setlolo se theko e thata, mme a se tshela hloohong ya Jesu ha a dutse dijong.
8Barutuwa ba hae, ha ba bona hoo, ba hlonama, ba re: Tshenyeho eo e thusang?
9Athe setlolo seo se ka be se rekile tjhelete tse ngata, tsa newa bafumanehi.
10Empa Jesu a lemoha hoo, a re ho bona: Le utlwisetsang mosadi eo bohloko? Athe o nkentse ketso e molemo.
11Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla, empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.