Mattheu
Khaolo 26:50-56
BIBELE e Halalelang
50Jesu a re ho yena: O tletseng mona, molekana ka? Jwale, ba atamela, ba isa matsoho ho Jesu, ba mo tshwara.
51Lekgatheng leo, e mong wa ba nang le Jesu a isa letsoho saboleng ya hae, a e tsomola, mme a hlatha mohlanka wa moprista e moholo ka yona, a mo kgaola tsebe.
52Yaba Jesu o re ho yena: Busetsa sabole ya hao selateng sa yona, hobane bohle ba tshwereng sabole, ba tla bolawa ka sabole.
53Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang?
54Empa ha nka etsa jwalo, Mangolo a ka phethahala jwang, a boletseng hore e ka kgona ho be jwalo?
55Yaba Jesu o re ho makgotla: Le tswile hae ho tla ntshwara ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka ke leshodu! Ke ne ke ntse ke dula le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara!
56Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baporofeta a phethahale.Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.