Mattheu
Khaolo 26:52-58
BIBELE e Halalelang
52Yaba Jesu o re ho yena: Busetsa sabole ya hao selateng sa yona, hobane bohle ba tshwereng sabole, ba tla bolawa ka sabole.
53Kapa na o re, nka sitwa ho rapela Ntate hona jwale, mme o ba a ya nnea dilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e mmedi, le tse fetisang?
54Empa ha nka etsa jwalo, Mangolo a ka phethahala jwang, a boletseng hore e ka kgona ho be jwalo?
55Yaba Jesu o re ho makgotla: Le tswile hae ho tla ntshwara ka disabole le ka melamu, jwalokaha eka ke leshodu! Ke ne ke ntse ke dula le lona tempeleng ka tsatsi le leng le le leng, ke ruta, mme ha le a ka la ntshwara!
56Empa hoo hohle ho etsahetse, hore mangolo a baporofeta a phethahale.Jwale, barutuwa bohle ba mo tlohela, ba baleha.
57Ba tshwereng Jesu ba mo isa ho Kaiafa, moprista e moholo, moo bangodi le baholo ba neng ba phuthehetse teng.
58Petrose a mo latela a le hole, mme a fihla tlung ya moprista e moholo; mme eitse hobane a kene lebaleng, a dula le bahlanka, a tle a bone qetello ya ditaba tseo.