Mattheu
Khaolo 26:59-65
BIBELE e Halalelang
59Jwale, baprista ba baholo le baholo le lekgotla lohle ba batla bopaki ba bohata bo ka qosang Jesu, hore ba tle ba mmolaye.
60Empa ha ba ka ba bo bona, leha dipaki tsa bohata tse ngata di itlhahisitse. Empa ho feleng ha hlaha dipaki tse pedi tsa bohata,
61tsa re: Enwa o kile a re: Ke na le matla a ho qhaqha tempele ya Modimo, ke be ke e tsose ka matsatsi a mararo.
62Yaba moprista e moholo o ema, a re ho yena: Na ha o arabe letho na? Seo ba o qosang ka sona keng na?
63Empa Jesu a kgutsa. Yaba moprista e moholo o boela a bua, a re ho yena: Ke u antsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle haeba o Kreste, Mora wa Modimo.
64Jesu a re ho yena: O boletse teng; hape, ke re ho lona: Ho tloha jwale, le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, mme a etla ka maru a lehodimo.
65Jwale, moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: O nyefotse! Re sa batlelang dipaki? Bonang, le utlwile nyefolo ya hae jwale.