Mattheu
Khaolo 26:64-70
BIBELE e Halalelang
64Jesu a re ho yena: O boletse teng; hape, ke re ho lona: Ho tloha jwale, le tla bona Mora motho a dutse letsohong le letona la matla a Modimo, mme a etla ka maru a lehodimo.
65Jwale, moprista e moholo a hahola diaparo tsa hae, a re: O nyefotse! Re sa batlelang dipaki? Bonang, le utlwile nyefolo ya hae jwale.
66Ho jwang ho lona? Ba araba, ba re. O tshwanelwa ke lefu.
67Ebile ba mo tshwela ka mathe mahlong, ba mo jabela, ba bang ba mo otla ka dithupa,
68ba re: Kreste, o re porofetele: ya o otlileng ke mang?
69Petrose yena o ne a dutse kantle lebaleng. Yaba ho fihla ho yena lekgabunyane le leng, la re: Le wena, o ne o ena le Jesu wa Galelea.
70Empa yena a latola pontsheng ya bohle, a re: Ha ke tsebe seo o se bolelang.