Mattheu
Khaolo 27:12-18
BIBELE e Halalelang
12Empa leha a ne a qoswa ke baprista ba baholo le ke baholo, ha a ka a araba letho.
13Yaba Pilato o re ho yena: Na ha o utlwe ha ba o qosa hakakale na?
14Empa ha a ka a araba lentswe leha le le leng; mmusisi a ba a makala haholo.
15E ne e le mokgwa wa mmusisi, ka mokete oo, ho lokollela setjhaba motlamuwa e mong, eo ba mo ratang.
16Mohlang oo, ho bo ho le motlamuwa e mong ya tumileng, ya bitswang Barabase.
17Ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: Le rata ha ke le lokollela ofe, haele Barabase, kapa Jesu ya bitswang Kreste?
18Hobane o ne a tseba hobane ba mo neetse yena ka mona.