Mattheu
Khaolo 27:15-21
BIBELE e Halalelang
15E ne e le mokgwa wa mmusisi, ka mokete oo, ho lokollela setjhaba motlamuwa e mong, eo ba mo ratang.
16Mohlang oo, ho bo ho le motlamuwa e mong ya tumileng, ya bitswang Barabase.
17Ha ba phuthehile, Pilato a re ho bona: Le rata ha ke le lokollela ofe, haele Barabase, kapa Jesu ya bitswang Kreste?
18Hobane o ne a tseba hobane ba mo neetse yena ka mona.
19Yare ha a sa dutse setulong sa kahlolo, mosadi wa hae a romela ho yena, a re: O se ke wa ba le taba, leha e le e nngwe, le motho eo ya lokileng; hobane ke utlwile bohloko bo boholo ka baka la hae, ha ke lora kajeno.
20Empa baprista ba baholo le baholo ba hlohlelletsa bongata hore ba kope Barabase, Jesu yena a bolawe.
21Mmusisi a boela a bua, a re ho bona: Le rata ha ke le lokollela ofe ho ba babedi bao? Ba re: Barabase.