Mattheu
Khaolo 27:2-8
BIBELE e Halalelang
2Eitse hobane ba mo tlame, ba ya le yena, ba mo neela Ponse Pilato, mmusisi.
3Jwale, Judase ya mo ekileng, ha a bona hoba Jesu o tswilwe, a inyatsa; a busetsa ditjhelete tsa silefera tse mashome a mararo ho baprista ba baholo le ho baholo;
4a re: Ke sitilwe ha ke ekile madi a se nang molato. Ba re: E ka ba eng ho rona? Ho iponele wena teng.
5Ebile ke ha a lahlela ditjhelete tsa silefera tempeleng, a tloha, a iphenetha.
6Baprista ba baholo ba nka ditjhelete, ba re: Ha ho a tshwanela hore di kenngwe polokelong ya tempele, hobane ke theko ya madi.
7Mme hobane ba rere, ba reka tshimo ya mmopi wa dipitsa ka tsona, ho epela baditjhaba teng.
8Ka baka leo, tshimo eo e bitsitswe Tshimo ya madi, ho fihlela kajeno.