Mattheu
Khaolo 27:25-31
BIBELE e Halalelang
25Setjhaba kaofela sa araba, sa re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona.
26Jwale, a ba lokollela Barabase; haele Jesu, eitse hobane a mo shape, a mo neela hore a thakgiswe.
27Yaba bahlabani ba mmusisi ba isa Jesu kgotla, ba mmokellela sehlopha sohle sa bona.
28Ba mo hlobodisa, ba ntoo mo apesa kobo e kgubedu.
29Ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo tshwarisa leqala letsohong la hae le letona, mme ba kgumama ka mangwele pela hae, ba mo soma, ba re: Dumela, morena wa Bajuda!
30Ba mo tshwela ka mathe, ba nka leqala, ba mmata hloohong.
31Eitse hobane ba mo some jwalo, ba mo hlobodisa kobo eo, ba mo apesa diaparo tsa hae, mme ba ya le yena ho mo thakgisa.