Mattheu
Khaolo 27:35-41
BIBELE e Halalelang
35Yare hobane ba mo thakgise, ba arolelana diaparo tsa hae, ba di laola ka lotho; hore ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ba arolelane diaparo tsa ka, mme ba laotse kobo ya ka ka lotho.
36Ba ntoo dula, ba mo lebela moo.
37Ka hodimo ho hlooho ya hae ba maneha lengolo le bolelang molato wa hae, le reng: Enwa ke Jesu, morena wa Bajuda.
38Jwale, ba thakgisa le yena disenyi tse pedi, se seng ka letsohong le letona, se seng ka ho le letshehadi.
39Ba fetang ba ne ba mo nyefola, ba mo sisinyetsa dihlooho, ba re:
40Wena, ya qhaqhang tempele, o reng o tla e tsosa ka matsatsi a mararo, ipholose he! Ha o le Mora Modimo, theoha sefapanong!
41Ka mokgwa o jwalo, le bona baprista ba baholo ba mo soma, ba ena le bangodi le baholo, ba re: