Mattheu
Khaolo 27:40-46
BIBELE e Halalelang
40Wena, ya qhaqhang tempele, o reng o tla e tsosa ka matsatsi a mararo, ipholose he! Ha o le Mora Modimo, theoha sefapanong!
41Ka mokgwa o jwalo, le bona baprista ba baholo ba mo soma, ba ena le bangodi le baholo, ba re:
42O pholositse ba bang, yena o sitwa ho ipholosa! Haele yena morena wa Iseraele, a ke a theohe jwale sefapanong, mme re tla dumela ho yena.
43O tshepile Modimo; a o mo lwele jwale, ha o mo rata; hobane o itse: Ke Mora Modimo.
44Disenyi tse thakgisitsweng le yena, le tsona di ne di mo hlapaola jwalo.
45Ka hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.
46Ha ho batlile ho ba hora ya boroba mono o le mong, Jesu a howa ka lentswe le leholo, a re: Eli, Eli, lamma sabakthani? ke ho re: Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng?