Mattheu
Khaolo 27:47-53
BIBELE e Halalelang
47Ba bang ho ba leng moo, ha ba utlwa, ba re: O bitsa Elia.
48Yaba e mong wa bona o phakisa a matha, a nka seponse, a se tlatsa ka asene, a se hloma leqaleng, a mo nwesa.
49Empa ba bang ba re: Lesang, re ke re bone na Elia o tla tla mo pholosa.
50Empa Jesu a boela a meketsa ka lentswe le leholo, mme a neela moya.
51Mme hang, lesela la tempele la hahoha kalehare, ho qala hodimo ho isa tlase; lefatshe la sisinyeha, le mafika a kgephoha;
52mabitla a buleha, le ditopo tse ngata tsa bahalaledi ba robetseng tsa tsoha.
53Eitse hobane ba tswe mabitleng, kamora tsoho ya hae, ba kena motseng o halalelang, mme ba ipontsha ho ba bangata.