Mattheu
Khaolo 27:48-54
BIBELE e Halalelang
48Yaba e mong wa bona o phakisa a matha, a nka seponse, a se tlatsa ka asene, a se hloma leqaleng, a mo nwesa.
49Empa ba bang ba re: Lesang, re ke re bone na Elia o tla tla mo pholosa.
50Empa Jesu a boela a meketsa ka lentswe le leholo, mme a neela moya.
51Mme hang, lesela la tempele la hahoha kalehare, ho qala hodimo ho isa tlase; lefatshe la sisinyeha, le mafika a kgephoha;
52mabitla a buleha, le ditopo tse ngata tsa bahalaledi ba robetseng tsa tsoha.
53Eitse hobane ba tswe mabitleng, kamora tsoho ya hae, ba kena motseng o halalelang, mme ba ipontsha ho ba bangata.
54Molaodi wa lekgolo, le ba nang le yena, ba ntseng ba lebela Jesu, ha ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse hlahileng, ba tshoha haholo, ba re: Eo e ne e le Mora wa Modimo ruri!