Mattheu
Khaolo 27:56-62
BIBELE e Halalelang
56Ho bona ho ne ho le Maria Magdalena, le Maria, mma Jakobo le Jose, le mma bara ba Sebedea.
57Yare mantsiboya, ha tla monna ya ruileng wa Arimathea, lebitso la hae e le Josefa; le yena e ne e le morutuwa wa Jesu.
58A ya ho Pilato, a kopa setopo sa Jesu. Yaba Pilato o laela hore a se newe.
59Eitse hobane a nke setopo, a se phuthela ka lesela le lesweu;
60a se bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme hobane a phikolosetse lejwe le leholo pela monyako wa lebitla, a ikela.
61Athe Maria Magdalena o ne a le moo le Maria e mong, ba dutse pela lebitla.
62Ka hosasane, e leng tsatsi le hlahlamang la hlekelo, baprista ba baholo le bafarisi ba phuthehela ho Pilato,