Mattheu
Khaolo 27:59-65
BIBELE e Halalelang
59Eitse hobane a nke setopo, a se phuthela ka lesela le lesweu;
60a se bea lebitleng la hae le letjha, leo a le betlileng lefikeng; mme hobane a phikolosetse lejwe le leholo pela monyako wa lebitla, a ikela.
61Athe Maria Magdalena o ne a le moo le Maria e mong, ba dutse pela lebitla.
62Ka hosasane, e leng tsatsi le hlahlamang la hlekelo, baprista ba baholo le bafarisi ba phuthehela ho Pilato,
63ba re: Morena, re sa hopola hobane mothetsi eo, ha a sa phela, o ne a re: Ke tla tsoha ka letsatsi la boraro.
64Ka baka leo, ako laele hore lebitla le tiiswe, letsatsi la boraro le be le tjhabe, esere mohlomong barutuwa ba hae ba mo utswa, mme ba re ho setjhaba: O tsohile bafung; leshano leo la ho fela le ne le tla fetisa la pele.
65Pilato a re ho bona: Le na le balebedi; eyang, le tiise kamoo le tsebang kateng.