Mattheu
Khaolo 28:12-18
BIBELE e Halalelang
12Baprista eitse hobane ba phuthehe le baholo, ba etsa morero, mme ba nea bahlabani ditjhelete tse ngata;
13ba re: Ereng: Barutuwa ba hae ba tlile bosiu, ba mo utswitse re robetse.
14Mme leha mmusisi a utlwa taba eo, ke rona re tla mo kgodisa, re le sireletse.
15Yaba balebedi ba nka ditjhelete, ba etsa kamoo ba laetsweng kateng; mme taba eo e tumile hara Bajuda ho fihlela kajeno.
16Barutuwa ba leshome le motso o mong ba ya Galelea, thabeng eo ba e laetsweng ke Jesu.
17Ha ba mmona, ba mo kgumamela; empa ba bang ba belaela.
18Yaba Jesu o atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe borena bohle lehodimong le lefatsheng.