Mattheu
Khaolo 28:7-13
BIBELE e Halalelang
7Le mpe le phakise le ye ho bolella barutuwa ba hae hore o tsohile bafung; bonang, o ya le etella pele ho ya Galelea; le tla mmona teng. Utlwang, ke le boleletse.
8Ba phakisa ba tloha lebitleng ka tshabo le ka thabo e kgolo, ba matha, ba ya bolella barutuwa ba hae.
9Yare ba sa ya bolella barutuwa ba hae, ba bona Jesu a ba kgahlanyetsa, a re: Dumelang! Yaba ba tla, ba mo tshwara maoto, ba mo kgumamela.
10Jwale, Jesu a re ho bona: Se tshoheng; eyang, le bolelle banabeso hore ba ye Galelea; ke moo ba tla mpona teng.
11Hobane ba tlohe, ba bang ho balebedi ba tla hae motseng, ho behela baprista ba baholo tsohle tse hlahileng.
12Baprista eitse hobane ba phuthehe le baholo, ba etsa morero, mme ba nea bahlabani ditjhelete tse ngata;
13ba re: Ereng: Barutuwa ba hae ba tlile bosiu, ba mo utswitse re robetse.